CONSTITUTION
Office Bearers and Responsibilities
HLOOHO YA KEREKE/BISHOPO
-
Ho tsamaya naha ka bophara le mafatsheng a ka ntle, a hlophisa mosebetsi wa evangeli
-
Ho hloma makala a kereke
-
Ho tiisa mosebetsi wa bathusani le ena
-
Ho tiiseletsa badumedi ba kolobeditsweng ke baruti didikeng tsa bona
-
Ke modulasetulo wa Seboka le dikopano
-
Ho laela Mongodi-Kakaretso ho mema Seboka (ho akaretysa le sa tshohanyetso) le dikopano, ho tla tshohla maemo a kereke
MOOKAMEDI
-
Ho etsa mosebetsi ohle wa boruti
-
Ho tsamaisa le ho busa baruti, badiakone, baevangeli, baboledi le baholo bohle ba tlasa sedika sa hae
-
Ho etsa hore ho kgethwe ba tla mo thusa ho ruta lentswe la Morena ho ba nang le tokelo ya ho ema pela Seboka le ho amohelwa boruting
MORUTI
-
Ho ruta evangeli ya Morena
-
Ho kolobetsa ba dumelang
-
Ho hlohonolofatsa bana
-
Ho rapella bakudi
-
Ho boloka bafu
-
Ho aba le ho hlohonolofatsa selallo sa Morena
-
Ho etsa mosebetsi o mong wa baruti
MODIAKONE
-
Ho ruta evangedi ya Morena
-
Ho kolobetsa ba dumelang
-
Ho rapella bakudi
-
Ho boloka bafu
-
Ho thusa baruti ho aba selallo sa Morena (o tla aba selallo ho maqheku le bakudi ka taelo ya moruti, hoba a se hlohonolofatse)
-
Ho hlohonolofatsa bana